Mattheu 9:8 - Baasraak Sotho NT Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo. BIBELE Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo. |
Hoo letshwele la makala ha le bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
A tsoha hanghang, a nka diphate, a tswa kapele ho bona bohle; ba ba ba hlollwa bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Ha re eso ho bone ka mokgwa oo.
E mong wa bona, ha a bona hore o fodile, a kgutla, a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng.
A boela a bona hang, mme a mo latela, a ntse a tlotlisa Modimo; mme batho bohle ha ba bona hoo, ba boka Modimo.
Yaba badisa ba kgutla, ba ntse ba tlotlisa, ba boka Modimo ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng le tseo ba di boneng, jwalokaha ba di boleletswe.
Yare ha molaodi wa lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: Ruri, motho eo e ne e le ya lokileng.
Tšabo ya ba tshwara bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; le ho re, Modimo o etetse setjhaba sa wona.
Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.
Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.
Yare ha ba utlwa hoo, ba tlotlisa Morena, ba re ho yena: Ngwaneso, o a bona kamoo dikete tsa Bajuda ba dumetseng kateng; mme bohle ba tjhesehela molao;
Ya re ba sena go ba tshosetsa gape, ba ba lesa ba tsamaya, ba sa bone sepe se ba ka ba otlhayang ka sona ka ntlha ya batho;
Erekaha tshebeletso ena e lemohile, ba tlotlisa Modimo ka baka la ho ikokobetsa ha lona molaetsa o molemo wa Kreste, le ka baka la ho fana ha lona ho bona le ho batho bohle.
Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.