Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:16 - Baasraak Sotho NT

16 Tšabo ya ba tshwara bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; le ho re, Modimo o etetse setjhaba sa wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Tšabo ya ba tshwara bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; le ho re, Modimo o etetse setjhaba sa wona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:16
31 Referencias Cruzadas  

Hoo letshwele la makala ha le bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.


Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea.


Ba tloha kapele lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo; mme a matha ho ya bolella barutuwa ba hae.


Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.


Tšabo ya wela bohle ba ahileng mathokong a bona, mme ditaba tseo tsa utlwahala hohle dithabeng tsohle tsa Judea.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse;


Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.


Yaba badisa ba kgutla, ba ntse ba tlotlisa, ba boka Modimo ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng le tseo ba di boneng, jwalokaha ba di boleletswe.


A re ho bona: Dintho dife? Ba re ho yena: Taba tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le moporofeta ya matla ketsong le dipolelong pela Modimo le pela setjhaba kaofela.


Ba hlollwa bohle, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.


Simone Petrose ha a bona hoo, a itihela mangoleng a Jesu, a re: Tloha ho nna; hobane ke monna wa moetsadibe, Jehova.


Mofu a dula, a qala ho bua. Mme a mo nea mmae.


Mofarisi ya neng a mo bitsitse, ha a bona hoo, a bua ka ho yena, a re: “Monna enwa, hoja e ne e le moporofeta, a ka be a tseba hore na mosadi ya mo amang ke mang le hore na ke ofe, hobane ke moetsadibe.


Jwale bongata bohle ba naha ya Bagadara ba mo rapela hore a tlohe ho bona. gonne ba ne ba tshwerwe ke poifo e kgolo: mme a palama mo mokorong, a boa gape.


Ba araba, ba re: Ke Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re: Elia; ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.


Ba mmotsa, ba re: Jwale, o reng? A ke wena Elia? Yena a re: Ha ke yena. A ke wena moporofeta eo? A araba, a re: Che.


Ba mmotsa, ba re ho yena: Jwale, o kolobeletsang, ha o se Kreste, leha e le Elia, leha e le moporofeta eo?


Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.


Yaba batho bao, ha ba bona mohlolo oo Jesu a o entseng, ba re: Kannete ke yena moporofeta ya tla tla lefatsheng.


Ba boela ba re ho sefofu: Wena o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re, Ke moporofeta.


Ha Ananiase a utlwa dipolelo tseo, a wela fatshe, a neela moya; mme tshabo e kgolo ya wela bohle ba utlwang taba tseo.


Ke yena Moshe ya itseng ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; yena le tla mo utlwa.


Mme ba tlotlisa Modimo ka ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos