Mattheu 9:27 - Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko. BIBELE Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! |
Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Jwale, ha hlaha mosadi wa Mokanana, a etswa dibakeng tseo, a howeletsa ho yena, a re: Morena, Mora wa Davida, nkutlwele bohloko! morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona.
Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo;
Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong.
Ka yona nako eo a fodisa ba bangata malwetseng, le dikotlo, le meya e mebe; mme difofu tse ngata a di nea pono.
A Lengolo ha le a bolela hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng?
Ka la Mora wa hae Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswetsweng lelokong la Davida ka nama;
ba bontata rona ke ba bona, bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, e leng Modimo ya okametseng tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen.