Mattheu 8:5 - Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, molaodi wa lekgolo a tla ho yena, a mo rapela, BIBELE Yare ha Jesu a kena Kaperenauma, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a tla ho yena, a mo rapela, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela. |
Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.
A tloha Nasaretha, a ya aha Kapernauma, e lebopong la lewatle, moeding wa Sabulone le Nefthali;
Yare molaodi wa lekgolo ya emeng mabapa le yena, ha a bona kamoo a shweleng kateng, a hooeletsa jwalo, a re: Kannete motho eo e ne e le Mora wa Modimo.
Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, a boela a kena Kapernauma; mme ha utlwahala hore o ka tlung.
Eitse ha ba mo tlama ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le dumeletswe ho shapa motho eo e leng Moroma, a eso ho ahlolwe na?
Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete;
A bitsa balaodi ba babedi ba lekgolo, a re: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ho ya Sesaria ka hora ya boraro ya bosiu;
Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.
Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ha bana ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoswa.
Empa molaodi wa lekgolo, ka ho rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela morerong wa bona; a laela hore ba tsebang ho sesa ba itihele pele lewatleng, ba fihle naheng;
Erekaha Lyda e ne e le haufi le Jopa, mme barutuwa ba utlwa hoba Petrose o teng, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo kopa hore a se ke a dieha ho tla ho bona.