Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.
Mattheu 7:7 - Baasraak Sotho NT Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Kopang, mme le tla newa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. BIBELE “Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. |
Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.
Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.
Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?
Hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa; mme ya batlang o a fumana; le ya kokotang o tla bulelwa.
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang, ha le rapela, le dumele hoba le di amohetse, mme le tla ba le tsona.
Etlare ha monga ntlo a se a tsohile, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele; mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng;
A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.
Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.
Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.
Mme thapelo ya tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa; mme ekare ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
Mme seo re se kopang re se amohela ho wona, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa tse o kgahlisang.