Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:19 - Baasraak Sotho NT

19 Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:19
20 Referencias Cruzadas  

Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.


Tlohela mpho ya hao teng pela aletare, o tsamaye; o boelane le ngwaneno pele, o ntoo tla, o nyehele mpho ya hao.


Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.


Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang, ha le rapela, le dumele hoba le di amohetse, mme le tla ba le tsona.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Haeba le dula ho nna, mme dipolelo tsa ka di dula ho lona, le tla kopa seo le se batlang, mme le tla se etsetswa.


Mme ka letsatsi leo ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Tsohle tseo le tla di kopa ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea tsona.


Bao bohle ba tiisetsa thapelong le thapeding, ba le pelo e le nngwe, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le banababo.


Petrose a bolokwa teronkong, empa kereke e ne e mo rapella ka ho sa feleng ho Modimo.


Eitse hobane a bone pono eo, ra akofa ra leka ho ya Masedonia, re ntse re kgobokanetse hore Morena o re bileditse ho bolela Evangeli ho bona.


Empa rona re tla nne re tiisetse thapelong le tshebeletsong ya lentswe.


Hobane ke tseba hoba hoo ho tla mphetohela poloko ka merapelo ya lona, le ka tlatsetso ya Moya wa Jesu Kreste;


Mme seo re se kopang re se amohela ho wona, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa tse o kgahlisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos