Mattheu 6:5 - Baasraak Sotho NT Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona. BIBELE “Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. |
Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Iponeleng, le tle le se ke la etsa ho loka ha lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo, ha le na moputso ho Ntata lona ya mahodimong.
Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.
Ka baka leo, ha o etsa dithuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha baikaketsi ba etsa masinagogeng le diterateng, ba tle ba tlotliswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.
Ha le eme le rapela, ha le ena le mang kapa mang, le mo tshwarele, hore le Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
A re ho bona thutong ya hae: “Hlokomelang bangodi, ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong.
Ho madimabe lona, Bafarisi! gonne lo rata ditulo tse di kwa pele mo disenagogeng, le ditumediso mo marekisetsong.
A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;
Mme molekgetho a ema hojana, a ba a hana, le mahlo a hae a lelaletsa lehodimong, a mpa a ikotla sefuba, a re: Modimo, ako nkgauhele, nna ke leng moetsadibe!
Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.
Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.