Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;
Mattheu 6:19 - Baasraak Sotho NT Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang. BIBELE “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang. |
Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;
Empa ipolokeleng matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa senyeng, le moo mashodu a sa thuheng, mme a sa utswe.
Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.
Mme tsebang sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;
Jesu ha a mmona hobane o swabile haholo, a re: Ho tla ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.
A metsamao ya lona e be e hlokang ho chacheha ka mohono; mme le kgotsofale ke tseo le nang le tsona;