Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:20 - Baasraak Sotho NT

20 Empa ipolokeleng matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa senyeng, le moo mashodu a sa thuheng, mme a sa utswe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng mashodu a fatang, a utswang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Empa ipolokeleng matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa senyeng, le moo mashodu a sa thuheng, mme a sa utswe.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:20
14 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang.


Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ba ipokellele motheo o motle wa nako e tlang ho tla, ba tle ba tshware bophelo bo sa feleng.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos