Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
Mattheu 5:29 - Baasraak Sotho NT Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng. BIBELE Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; |
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba sa kgone ho bolaya moya, le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete;
Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haola le lewatle le lefatshe ho etsa mosokolohi a le mong;
Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.
Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le kgaole, o le lahlele hole le wena;
Hobane motho ho tla ba le molemo ofe, ha a ka rua lefatshe lohle, mme a lahlehelwa ke bophelo ba hae?
Empa ke tla le bontsha eo le tla mmoifa: Boifang eo ereng ha a bolaile a nang le matla a ho lahlela diheleng; ee, ke re ho lona: Mo tshabeng.
Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.
Hobane ha le phela ka nama, le tla shwa; empa ha le bolaya diketso tsa mmele ka Moya, le tla phela.
Empa ke itima mmele wa ka, mme ke a o laola, esere mohlomong, ha ke se ke boleletse ba bang, nna ka ba ya lahlwa.
Ke gone bolayang ditokololo tsa lona tse di mo lefatsheng; bofebe, le ditshila, le ditakatso tse ditshila, le ditakatso tse mpe, le meharo, e leng borapedi ba ditshwantsho;