Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:30 - Baasraak Sotho NT

30 Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le kgaole, o le lahlele hole le wena;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela, o le pome, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ekare ha letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le kgaole, o le lahlele hole le wena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:30
19 Referencias Cruzadas  

Mme ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna.


Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.


Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.


Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete;


Ha ho le jwalo, ha letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, o di kgaole, o di lahle hole le wena;


Yaba morena o re ho bahlanka: Mo tlameng maoto le matsoho, le mo lahlele lefifing le kantle; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.


Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a tla, a tlisa tse ding tse hlano, a re: ’Morena, o ne o nneile ditalenta tse hlano; bona, ke ruile ditalenta tse ding tse hlano ka tsona.


Yaba Jesu o re ho bona: Lona bohle le tla kgoptjwa ka baka la ka bosiung bona, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.


Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.


Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena;


Ekare ha letsoho la hao le o dihela sebeng, o le kgaole;


Empa ke tla le bontsha eo le tla mmoifa: Boifang eo ereng ha a bolaile a nang le matla a ho lahlela diheleng; ee, ke re ho lona: Mo tshabeng.


Ho ka bang molemo ho yena ha lelwala le ka fanyehwa molaleng, mme a lahlelwa lewatleng, ho ena le hore a kgopise e mong wa ba banyenyane bana.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;


Ka baka leo, ha sejo se kgopisa ngwaneso, nke ke ka ja nama ho fihlela lefatsheng, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.


Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.


Le lejwe le kgopang, le lefika la kgopiso, ho ba kgopjwang ke lentswe, ba sa utlwe;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos