Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:15 - Baasraak Sotho NT

15 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haola le lewatle le lefatshe ho etsa mosokolohi a le mong;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haola le lewatle le lefatshe ho etsa mosokolohi a le mong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:15
17 Referencias Cruzadas  

Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.


Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena;


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


A re: “Wena ngwana wa Diabolose, wena ya tletseng mano wohle le bolotsana bohle, wena sera sa ho loka hohle, na o ke ke wa lesa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena na?


Eitse hobane phutheho e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba borapedi ba latela Pauluse le Barnabase;


Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa baditjhaba, ba senya dipelo tsa bona ho lwantsha badumedi.


Empa Bajuda ba Thesalonika, ha ba utlwa hore lentswe la Modimo le bolelwa ke Pauluse Berea, ba tla le teng, ba ferekanya letshwele.


le Frigia, le Pamfilia, Egepeta, le dibakeng tsa Libia haufi le Cyrene, le baditjhaba ba tswang Roma, Bajuda le basokolohi;


Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.


Ba le tjhesehela ka tjheseho, empa e seng hantle; ee, ba ka le qhelela ka thoko, hore le tle le ba ame.


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ke bona ba le qobellang ho bolla; feela ba tle ba se ke ba hlorisetsoa sefapano sa Kreste.


bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello. ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos