La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 5:1 - Baasraak Sotho NT

Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.

Ver Capítulo

BIBELE

Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.

Ver Capítulo



Mattheu 5:1
16 Referencias Cruzadas  

Matshwele a maholo a phuthehela ho yena, hoo a bileng a kena sekepeng, a dula; mme letshwele lohle la ema lebopong la lewatle.


Jesu a tloha teng, a tla pela lewatle la Galelea; a nyolohela thabeng, a dula teng.


Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.


A ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:


Yaba o nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba ratileng, mme ba tla ho yena.


Letshwele la boela la bokana, hoo ba neng ba sitwa le ho ja bohobe.


A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng. mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.


A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;


A lelaletsa mahlo a hae ho barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.


Eitse matsatsi a ka bang robedi kamora dipolelo tseo, a nka Petrose le Johanne le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.


Yare ha Jesu a tseba hore ba tla tla ho mo tshwara, ho mo etsa morena, a boela a tloha, a ya thabeng a le mong.