Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:1 - Baasraak Sotho NT

1 A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng. mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:1
9 Referencias Cruzadas  

A boela a tloha, a ya lebopong la lewatle; mme letshwele lohle la tla ho yena, mme a ba ruta.


Empa Jesu a tloha le barutuwa ba hae, ba ya lewatleng, mme bongata bo boholo ba batho ba tswang Galelea le Judea ba mo latela.


A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa.


Yare ha ba kgutlisitse letshwele, ba mo nka a ntse a le ka sekepeng. Mme ho ne ho ena le diketswana tse ding ho yena.


Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.


Eitse hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepe, bongata bo boholo ba bokana ho yena, mme o ne a le pela lewatle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos