Mattheu 4:25 - Baasraak Sotho NT Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela. BIBELE A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane. |
Lefatshe la Sabulone, le lefatshe la Nefthalime, le pela lewatle, mose wane wa Jordane, Galilea wa Baditjhaba;
Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.
A tloha, a qala ho bolela naheng ya Dekapolise tse kgolo tseo Jesu a mo etseditseng tsona; mme bohle ba makala.
Eitse ha Sabatha e se e le Sabatha, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo; Mme bohlale boo ke bofe boo a bo neilweng, ha e le moo mehlolo e kalo e etswa ka matsoho a hae?
A boela a tloha naheng ya Tire, a ya Sidone, a ya lewatleng la Galelea, a haola le dinaha tsa Dekapolise.
A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;
Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme a fodisa bohle.