Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
Mattheu 3:5 - Baasraak Sotho NT Yaba ho tswela ho yena Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e mathokong a Jordane. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena, BIBELE Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ho tswela ho yena Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e mathokong a Jordane. |
Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.
Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.
A tla le lefatshe lohle le mabapa le Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe;
Yaba o re ho matshwele a tlileng ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng ho balehela bohale bo tlang?
Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, hobane metsi a ne a le mangata teng, mme ba ne ba etla, mme ba kolobetswa.
Yena e ne e le lesedi le tukang, le kganyang, mme lona le ne le ratile ho thabela lesedi la hae ka nako e itseng.