Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.
Mattheu 27:54 - Baasraak Sotho NT Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri! BIBELE Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo. |
Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.
ba re: Wena ya heletsang tempele, mme o e hahe ka matsatsi a mararo, ipholose! Ha o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong.
Mme, bonang, lesela la tempele la hahoha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a petsoha;
Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Yare molaodi wa lekgolo ya emeng mabapa le yena, ha a bona kamoo a shweleng kateng, a hooeletsa jwalo, a re: Kannete motho eo e ne e le Mora wa Modimo.
Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
Ho ne ho ena le monna e mong Sesarea, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa lekgotla le bitswang la Mataliana.
Yare ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?
Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete;
A bitsa balaodi ba babedi ba lekgolo, a re: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ho ya Sesaria ka hora ya boraro ya bosiu;
Eitse hobane ho laolwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lekgolo, ya bitswang Juliase, wa sehlopha sa Augustus.
Empa molaodi wa lekgolo, ka ho rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela morerong wa bona; a laela hore ba tsebang ho sesa ba itihele pele lewatleng, ba fihle naheng;
mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.
Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.