A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.
Mattheu 2:4 - Baasraak Sotho NT Eitse hobane a bokelle baprista ba baholo bohle le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo Kreste a tla tswallwa teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane a bokelle baprista ba baholo kaofela le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo e ka kgonang Kreste a tswallwe teng. BIBELE mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a bokelle baprista ba baholo bohle le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo Kreste a tla tswallwa teng. |
A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao ya rupetsweng mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ntshang letlotlong la hae dintho tse ntjha le tsa kgale.
Ba re ho yena: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ha thwe:
Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo;
Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao?
Yaba baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba setjhaba ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
A re a sa bua, ha fihla Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le leholo le tshwereng disabole le melamu, le tswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.
Eitse ha bo esa, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu hore ba mmolaye.
A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.
Mme baperesiti ba bagolo le Baitsedikwalo ba batla go mo tshwara ka yona nako eo; mme ba tshaba batho;
Yaba Judase o nka sehlopha sa banna le bahlanka ba baprista ba baholo le ba Bafarisi, a tla teng ba nkile mabone le dirumula le dibetsa.
Bafarisi ba utlwa letshwele le mo dumaduma; mme Bafarisi le baprista ba baholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.
Bangodi le bafarisi ba tlisa ho yena mosadi ya tshwerweng a feba; mme ha ba mmea hara bona.
Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.
Yaba ba ferekanya setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla ho yena, ba mo tshwara, ba mo isa lekgotleng.