Mattheu 2:2 - Baasraak Sotho NT ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? Hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. BIBELE ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela. |
Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.
Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo.
Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A mo araba, a re: Ke wena o boletseng.
Hape, ho ne ho ngodilwe lengolo hodima hae ka ditlhaku tsa Segerike, le Selatine, le Seheberu, se reng: ENO KE KGOSI YA BAJUDA.
Pilato a re ho yena: Ha ho le jwalo, na o morena na? Jesu a araba, a re: Ke wena o reng ke morena. Ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pakele nnete. E mong le e mong wa nnete o utlwa lentswe la ka.
Pilato a ngola lengolo, a le bea sefapanong. Ho ne ho ngodilwe, ho thwe: JESU WA NAZARETHA, MORENA WA BAJUDA.
hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.
Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.
Nna, Jesu, ke romile lengeloi la ka ho le pakela taba tseo hara dikereke. Ke ’na motso le leloko la Davida, naleli e khanyang ea meso.