Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 1:6 - Baasraak Sotho NT

6 Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 1:6
17 Referencias Cruzadas  

Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


Eo e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la dibopuwa tsohle.


Ke yena hloho ya mmele, ya kereke; e le hore a tle a be le sebaka sa pele nthong tsohle.


Hobane ke ofe ho mangeloi a kileng a re ho yena: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke tla ba Ntate wa hae, yena e be Mora wa ka?


Ka baka leo, mohla a tlang lefatsheng, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


Lerato la Modimo le bonahetse ho rona ka sena, ke hobane Modimo o rometse Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.


le ho Jesu Kreste, eo e leng paki e tshepehang, letsibolo la bafu, le kgosana ya dikgosi tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibeng tsa rona ka madi a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos