La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 18:20 - Baasraak Sotho NT

Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo

BIBELE

hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo



Mattheu 18:20
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Petrose o tla ho yena, a re: Morena, ngwaneso o tla ntshitelwa hangata hakae, mme ke mo tshwarela? ho fihlela makhetlo a supileng?


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.


Yare mantsiboya, e leng letsatsi la pele la beke, menyako ya moo barutuwa ba neng ba phuthehetse teng e kwetswe, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi, barutuwa ba hae ba le teng, le Thomase a ena le bona;


Jesu a re ho bona: Kannetenete, ke a le bolella, Abrahama a eso ho hlahe, ke ne ke ntse ke le teng.


Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile hammoho le moya wa ka ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


le Apia, moratuwa wa rona, le Arkipo, lesole ka rona, le kereke e ka tlung ya hao.


Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re: Bonang, tabernakele ya Modimo e hara batho;