Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:20
15 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.


haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.


Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.


Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,


Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


le Afia, ya ratwang, le Arkipe, molekane wa rona hlabanong, le kereke e ka tlung ya hao, ke re:


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos