Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:1 - Baasraak Sotho NT

1 Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:1
20 Referencias Cruzadas  

Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.


Yena e ne e le lesedi le tukang, le kganyang, mme lona le ne le ratile ho thabela lesedi la hae ka nako e itseng.


Yaba o fihla Efese, a ba tlohela teng, empa yena a kena sinagogeng, a buisana le Bajuda.


A mpa a ba sadisa hantle, a re: “E ka kgona ke etse mokete ona o tlang Jerusalema; Mme a tloha Efese ka sekepe.


Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng, mme molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng;


Mme ha hlaha mohlolo o moholo lehodimong; mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, mme hloohong ya hae a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.


Ngolla lengeloi la kereke e Pergame; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;


Ngolla lengeloi la kereke ya Smyrna; Ke tsena tse bolelwang ke wa pele le wa morao, ya neng a shwe, mme a phela;


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele.


Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;


Ngolla lengeloi la kereke e Filadelfia; Ke tsena tse bolelwang ke Ya halalelang, wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, ho se ya kwalang; mme ha a kwala, mme ha ho ya bulang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos