A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.
Mattheu 17:20 - Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang. BIBELE A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; mme e tla tloha; mme ha ho letho le le sitang. |
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.
Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna.
Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo?
Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.
Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.
A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.
Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.
O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo ha e jadilwe lefatsheng, e leng nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.
Morena a re: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa sikane: Fotholwa, o itlhome lewatleng; ’me e lokela ho u mamela.
Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.