Eitse ha Johanne a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste, a roma barutuwa ba hae ba babedi.
Mattheu 17:12 - Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse kamoo ba ratileng kateng. Mora motho le yena o tla hlokofatswa ke bona jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona. BIBELE Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse kamoo ba ratileng kateng. Mora motho le yena o tla hlokofatswa ke bona jwalo. |
Eitse ha Johanne a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste, a roma barutuwa ba hae ba babedi.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.
Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.
Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;
Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.
Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine; mme le re: O na le modemona.
Ene yo, e rile a sena go neelwa ka kgakololo e e tlhomamisitsweng le ka boitsebelopele jwa Modimo, lo mo tsere, mme lwa mmapola, lwa mmolaya ka diatla tsa baikepi.
Ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo le mo thakgisitseng, eo Modimo o mo tsositseng bafung, ka yena monna enwa o ema mona pela lona a fodile.
Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bontata lona? mme ba bolaile ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng; eo jwale le leng baeki le babolai ba hae;