Mattheu 14:33 - Baasraak Sotho NT Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri. BIBELE Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo. |
A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.
Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.
Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.
Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.
Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela.
Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Empa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokwang?
Yare molaodi wa lekgolo ya emeng mabapa le yena, ha a bona kamoo a shweleng kateng, a hooeletsa jwalo, a re: Kannete motho eo e ne e le Mora wa Modimo.
Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.
Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le phahameng: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo ya hodimodimo? Kea u kopa, u se ke ua ntlhorisa.
Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.
Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o tshwanetse ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
Yare ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme leqhalaha la re: Bona, metsi ke ana; se nthibelang ho kolobetswa keng?
mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.