Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Mattheu 13:12 - Baasraak Sotho NT Hobane ya nang le ntho o tla ekeletswa, mme o tla ba le ho hongata haholo; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. BIBELE Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ya nang le ntho o tla ekeletswa, mme o tla ba le ho hongata haholo; |
Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Jwale monga tshimo ya merara o tla etsa jwang? o tla tla, a timetse balemi, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang.
Empa ho hlokeha ntho e le nngwe: mme Maria o ikgethetse kabelo e molemo, eo a ke keng a e amohuwa.
Empa ya sa kang a tseba, mme a etsa tse lokelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. Hobane e mong le e mong ya neilweng ho hongata, ho tla batloa ho hongata ho yena;
Mme a mmitsa, a re ho yena: Taba tseo ke di utlwang tsa hao ke dife? fana ka tlaleho ea botsamaisi ba hao; hobane ha o sa tla hlola o eba molebedi.
Empa Abrahama a re: Ngwanaka, hopola hobane o amohetse tse molemo tsa hao bophelong ba hao;
Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona.
Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka, Mora motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.
Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.