Mattheu 1:16 - Baasraak Sotho NT Jakobo a tswala Josefa monna ka Maria, a ba a nkwa ka Jesu, a re o tlatswa ke motho. Sesotho 1909/1961 (SO) Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena. BIBELE Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jakobo a tswala Josefa monna ka Maria, a ba a nkwa ka Jesu, a re o tlatswa ke motho. |
Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.
Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
Pilato a re ho bona: Jwale, ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!
Na eo hase mmetli, mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, Juda, le Simone? le dikgaitsedi tsa hae na ha di na le rona mona? Mme ba ne ba kgopeha ke yena.
ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria.
Eitse ha ba mmona ba hlollwa, mme mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng hakalo? bona, nna le ntatao re o batlile re hlomohile.
A tswala mora wa hae wa letsibolo, a mo phuthela ka masela, a mo robatsa sejelong. hobane ho ne ho se sebaka bakeng sa bona ntlong ya baeti.
Jesu yena a qala a na le dilemo tse ka bang mashome a mararo, jwalokaha ho ne ho thwe, ke mora Josefa, mora Eli.
Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na?