Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.
BaFilipi 1:21 - Baasraak Sotho NT Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke leruo. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke moruo. BIBELE Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke leruo. |
Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.
leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le bophelo, leha e le lefu, leha e le tsa jwale, leha e le tse tlang ho tla; tsohle ke tsa hao;
Hobane rea tseba hoba ntlo ya rona e lefatsheng, e leng tabernakele, ha e heleha, re na le mohaho o tswang ho Modimo, e leng ntlo e mahodimong e sa etswang ka matsoho, e sa feleng.
Ka baka leo, re na le tshepo kamehla, re a tseba hore, ha re sa le hae mmeleng, ha re eo ho Morena.
Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.
Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.
Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.
ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.
Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:
Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale. mme mesebetsi ya bona e a ba latela.