Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:21 - BIBELE

21 Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke moruo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke leruo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke leruo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:21
16 Referencias Cruzadas  

Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona,


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.


Nna ke mpe ke se ithorise ka letho, haese feela ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona ho nna lefatshe le thakgisitsweng, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe!


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe.


Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,


Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu.


Mohla Kreste eo e leng bophelo ba lona a bonahatswang, le lona le tla bonahatswa le yena ka tlotla.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos