BaFilipi 1:16 - Baasraak Sotho NT Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka nnete, ba hopotse ho mpefatsa matshwenyeho ditlamong tsa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka. BIBELE Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka nnete, ba hopotse ho mpefatsa matshwenyeho ditlamong tsa ka. |
Le tle le tsebe ho bona tse molemo; le tle le be ba se nang molato, le be le se nang molato, ho be ho fihle tsatsi la Kreste;
Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;
Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.
Empa le tseba bopaki ba hae, hobane o sebeditse le nna Evangeli jwalokaha ngwana a sebeletsa ntatae.
Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho bolela molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e ileng ya nkamahanya le nna mabapi le ho fana le ho amohela, haese lona feela.
Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.