Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:7 - Baasraak Sotho NT

7 Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:7
34 Referencias Cruzadas  

haese hore Moya o Halalelang o paka motseng o mong le o mong, o re ditlamo le dihloriso di nkemetse.


Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.


Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.


Sena ke se etsa ka baka la Evangeli, ke tle ke be le kabelo ho yona le lona.


Lona le lengolo la rona le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.


Ha ke bue sena ho le ahlola;


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


eo ke leng lenqosa la yona ka ditlamo, ke tle ke bue ka yona ka sebete kamoo ke tshwanetseng ho bua kateng.


Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;


hoo ditlamo tsa ka ho Kreste di tle di bonahale tlung yohle ya borena le nqalong tse ding tsohle;


Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


Ka baka la kopano ya lona Evangeling ho tloha letsatsing la pele ho fihlela jwale;


Empa le tseba bopaki ba hae, hobane o sebeditse le nna Evangeli jwalokaha ngwana a sebeletsa ntatae.


Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le bile le kabelo mahlomoleng a ka.


Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho bolela molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e ileng ya nkamahanya le nna mabapi le ho fana le ho amohela, haese lona feela.


Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


Tumediso ka letsoho la ka, Pauluse. Hopolang litlamo tsa ka. Mohau o be le lona. Amen. (E ngotsoe ho tloha Roma ho ea ho Bakolose ke Tykikase le Onesimase.)


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Lona bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare;


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Ee, ke bona ho le molemo, ha ke sa le tabernakeleng ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa;


Re a tseba hore re tlohile lefung ho kena bophelong, hobane re rata baena. Yo o sa rateng mokaulengwe wa gagwe o ntse mo losong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos