Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:3 - Baasraak Sotho NT

3 Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:3
28 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Ntumedisetseng Trifena le Trifosa, ba sebetsang ka thata Moreneng. Ntumedisetseng Persise, moratuwa, ya kgathetseng haholo Moreneng.


Ntumedisetseng Urbane, motlatsi wa rona ho Kreste, le Stake, moratuwa wa ka.


Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;


Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka nnete, ba hopotse ho mpefatsa matshwenyeho ditlamong tsa ka.


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo. evangeli;


Ka baka la kopano ya lona Evangeling ho tloha letsatsing la pele ho fihlela jwale;


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


Ke rapela Evodia le Sintike hore ba be le moya o le mong Moreneng.


Jwalokaha le ithutile ho Epafrase, mohlanka mmoho le rona ya ratehang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa lona;


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng. ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.


Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos