BaFilipi 1:12 - Baasraak Sotho NT Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli; Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele. BIBELE Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli; |
Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.
Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.
Empa le tseba bopaki ba hae, hobane o sebeditse le nna Evangeli jwalokaha ngwana a sebeletsa ntatae.
Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho bolela molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e ileng ya nkamahanya le nna mabapi le ho fana le ho amohela, haese lona feela.
Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.
Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.
Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.
Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.