Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae.
Mattheu 23:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho; Sesotho 1909/1961 (SO) Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona; BIBELE “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona, Baasraak Sotho NT Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho; |
Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae.
A re ho bona: Ke lona ba ipeileng ba lokileng pela batho; empa Modimo o tseba dipelo tsa lona;
Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisang, mme le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?
Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.
Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.
Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.