Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Mattheu 21:44 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo. BIBELE Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.” Baasraak Sotho NT Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila. |
Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Yare ha baprista ba baholo le Bafarisi ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba lemoha hore o bua ka bona.
Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa.
Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang;
Mang kapa mang ya tla wela hodima lejwe leo o tla robeha; empa mang kapa mang eo le tla wela hodima hae, le tla mo sila.
Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna, hoja o ne o sa ka wa a newa a etswa hodimo;
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;
Ba re hanela ho bua le baditjhaba e le hore ba tle ba bolokehe, e le hore ba tlatse dibe tsa bona kamehla;