Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha.
Mattheu 19:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale? Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona? BIBELE Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?” Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale? |
Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha.
Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.
Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.
Mme a araba ntatae, a re: Bona, ke o sebeleditse ka dilemo tse ngata, mme ha ke eso ka ke tlola taelo ya hao le ka mohla o le mong;
Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?
Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.