Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:7
29 Referencias Cruzadas  

A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea diponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le e etse ka tsona, ke be ke tle.


Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.


Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho, ha a sa le fuwe ho tswa lehodimong.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


Erekaha re ena le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng, leha e le boporofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


Pauluse ke mang, le Apolose ke mang, haese basebeletsi bao le dumetseng ka bona, jwalokaha Morena a neile e mong le e mong?


Ho ithorisa ha hao ha ho molemo. Ana ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e lomosa hlama kaofela?


Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntate wa masedi, eo ho yena ho se nang phetoho, leha e le moriti wa ho reteleha.


E mong le e mong a sebeletse e mong ka neo eo a e abetsweng, jwaloka balebedi ba molemo ba mehauhelo e mengata ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos