Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;
Mattheu 17:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng! BIBELE Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.” Baasraak Sotho NT A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. |
Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;
Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Jwale leru la eba teng, la ba kgurumetsa, mme lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;
Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Le yena Ntate ya nthomileng, o pakile ka nna. Ha le eso ho utlwe lentswe la hae, leha e le ho bona sebopeho sa hae.
Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
Ke yena Moshe ya itseng ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; yena le tla mo utlwa.
Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;
Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.
Ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme hodima leru ho dutse e mong ya tshwanang le Mora motho, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme letsohong la hae a tshwere sekele e bohale.