Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:18
40 Referencias Cruzadas  

hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re:


A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Jwale leru la eba teng, la ba kgurumetsa, mme lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;


Mme batho ba ema ba tadimile. Babusi le bona ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a ipholose, haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo.


Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


E be thoriso ya kganya ya mohau wa wona, oo o re neileng kamohelo ka wona ho Moratuwa.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona,


Ya re lopolotseng matleng a lefifi, mme a re isa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.


Ho tla ho yena, jwalokaha ho tlile lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, la bohlokwa.


Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos