Mattheu 1:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ntho e nngwe le e nngwe eo e ka etsahallwang, e le hore o tle o qetelle o sebeletsa Morena ka ho moporofeta. Sesotho 1909/1961 (SO) Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng: BIBELE Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ntho e nngwe le e nngwe eo e ka etsahallwang, e le hore o tle o qetelle o sebeletsa Morena ka ho moporofeta. |
Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.
E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.
A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta.
A tla, a aha motseng o bitswang Nasaretha, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ha ho thwe: O tla bitswa Monasaretha.
e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.
A re ho bona: Ke wona dipolelo tseo ke le boleletseng tsona, ha ke sa na le lona, hore tsohle tse ngodilweng molaong wa Moshe, le baporofeta, le Dipesaleme, e ka kgona di etsahale ’na.
Ekare ha a bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, mme Lengolo le ke ke la hlakolwa;
Empa hoo ho etsahale hore ho tle ho etsahale lentswe le ngodilweng molaong wa bona, le reng: Ba ntlhoile feela.
Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka ba boloka ka lebitso la hao, bao o nneileng bona; hore Lengolo le tle le etsahale.
E le hore ho tle ho etsahale lentswe leo a le boletseng, a re: Ho bao o nneileng bona, ha ke a ka ka lahleha le a mong.
Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.
Hobane Modimo o kentse dipelong tsa tsona ho phetha morero wa wona, le ho etsa tumellano e le nngwe, le ho nea sebata mmuso wa tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.