Filemone 1:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso. BIBELE Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng. Baasraak Sotho NT Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso. |
Ke ka baka leo re tshedisitsweng matshedisong a lona, mme ra thabela thabo ya Tite ka ho fetisisa, kahobane moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.
Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.
Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.
Hobane tshepo ya rona ke eng, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona? Na hase lona le lona pela sefahleho sa Morena wa rona Jesu Kreste ho tleng ha hae na?
Hobane re ka busetsa teboho efe ho Modimo bakeng sa lona, ka thabo yohle eo re e thabelang ka baka la lona pela Modimo wa rona?
Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.
Ke thabetse hore ke fumane baneng ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re amohetse taelo ho Ntate.