Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ke na le sebete se seholo ho lona, ke ithorisa haholo ka lona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ke na le sebete se seholo ho lona, ke ithorisa haholo ka lona;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:4
27 Referencias Cruzadas  

Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi;


Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste;


Jwalokaha le re tsebile ka nqa e nngwe, hore re thabo ya lona, jwalokaha le lona le le ba rona ka tsatsi la Morena Jesu Kreste.


o re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, hore re tle re tsebe ho tshedisa ba mahlomoleng afe kapa afe, ka matshediso ao rona ka borona re tshediswang ke Modimo.


Hobane leha nka ithorisa ka ho fetisa ka matla ao Morena a re neileng wona ho le haha, e seng ho le ripitla, nke ke ka hlajwa ke dihlong.


Ke bolela ka dihlong, jwaloka hoja re ne re fokola. Leha ho le jwalo, seo motho a leng sebete ka sona (ke bua ka bothoto), le nna ke sebete.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.


Hobane leha ke ile ka ithorisa ho yena ka letho ka lona, ha ke a ka ka hlajwa ke dihlong; empa jwalokaha re le boleletse tsohle ka nnete, ka mokgwa o jwalo boithoriso ba rona, boo ke bo entseng ka pel’a Tite, e bile nnete.


Ka baka leo, le ba bontše pontsho ya lerato la lona le ya boithoriso ba rona ka baka la lona pela dikereke.


Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.


E le hore thabo ya lona e tle e eketsehe ka Jesu Kreste bakeng sa ka, ka ho ba teng ha ka hape ho lona.


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Hobane tshepo ya rona ke eng, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona? Na hase lona le lona pela sefahleho sa Morena wa rona Jesu Kreste ho tleng ha hae na?


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Hoo le rona ka borona re ithorisang ka lona diphuthehong tsa Modimo ka baka la mamello ya lona le tumelo ya lona dihlorisong tsohle tsa lona le ditsietsi tseo le di mamellang.


Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Bana beso, hokang e le thabo feela ha le wela melekong ya mefutafuta;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos