Bheka, intombi e mimba, e tla le indodana, bakeng sa lebitso la lebitso la Emanuweli, ho fihlela ka hohunyushwa, Modimo ounathi.
BaFilipi 4:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di etse; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Tseo le ithutileng tsona la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, etsang tsona; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona. BIBELE Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona. Baasraak Sotho NT Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di etse; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona. |
Bheka, intombi e mimba, e tla le indodana, bakeng sa lebitso la lebitso la Emanuweli, ho fihlela ka hohunyushwa, Modimo ounathi.
le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.
Ha se bohle ba reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena mmusong wa mahodimo; empa ke ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
A araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke bana ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le phetha.
Mme a thothomela, a makala, a re: Morena, o rata hore ke etseng? Morena a re ho yena: Ema, o kene motseng, mme o tla bolellwa seo o tshwanetseng ho se etsa.
Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.
Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.
Hobane Modimo hase wa moferefere, empa ke wa kgotso, jwalokaha ho le jwalo dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.
Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.
Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona.
Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.
Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;
Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.
Mme re na le tshepo ho Morena malebana le lona, hore le etsa tseo re le laelang tsona, mme le tla di etsa.
Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona. Amen. (Lengolo la bobedi le yang ho Timothea, le neng le beilwe mobishopo wa pele wa kereke ya Baefese, le ne le ngotswe ho tswa Roma, ha Paulose a ne a tliswa ka pela Nero kgetlo la bobedi.)
Mme seo re se kopang re se amohela ho wona, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa tse o kgahlisang.