Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
BaFilipi 1:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo. BIBELE le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo. Baasraak Sotho NT le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo. |
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.
Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng, o a le tlosa, mme lekala le leng le le leng le behang o a le hloekisa, hore le tle le behe haholo.
Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.
Ha ke se ke phethile hoo, ke bile ke ba tiiseditse tholwana ena, ke tla feta ka lona ho ya Spania.
Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.
Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.
Ya fanang ka peo ya mojadi o tla le sebeletsa ka bohobe bakeng sa dijo tsa lona, mme a atise peo ya lona, mme a atise ditholwana tsa ho loka ha lona;
eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona.
Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.
Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona.
E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.
tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;
Lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ho lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Morena Jesu Kreste.
Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.
Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.
Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.
Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.
Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;