Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 13:4 - BIBELE

4 Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 13:4
23 Referencias Cruzadas  

Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.”


“Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho!


Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?


Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta,


ba tsielehile, leha ba ne ba tshepile, ba fihlile teng, jwale ba swabile.


Ho nna, le lona le ka melatswana eo: Le a bona ke wele ka phatla, lona le a ntshabella!


Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle.


“O se ke wa etseletsa motho e mong.


“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.


Ha ho ya o buellang nyeweng, diso tsa hao ha di na pheko, ha ho na tshepo ya hore o tla fola.


“Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha.


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng?


Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.


“Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.


Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”


ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos