3 Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo.
3 Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo;
Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena;
Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.
nkise kgotla ke tle ke o arabe, o ntumelle ke bue, le wena o nkarabe.
“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!
“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
“Hoja ke wena nka be ke ipiletsa ho Modimo, kapele ho Modimo ke ipeha ka taba ya ka;
Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe.
“Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo.
Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.