5 Eka le ka kgutsa ho bua, la kgutsetsa ruri! Hoo e ne tla be e le bohlale, e le bohlale ho lona!
5 Hoja la na la kgutsa, ho bo ho tla thwe: le bohlale.
O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?
“Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele.
Jwale mamelang ha ke ikarabella, le utlwe ha ke ipuella ka molomo wa ka.
Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?
“Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana!
“Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?
Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.
Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.
Ebe nka lebella, hobane ba sa arabe, hobane ba themeletse, ba se ba hloka puo?
Sethoto ha se kgutsitse ho thwe se hlalefile, se na le kutlwisiso ha se tshwara leme la sona.
Jwalokaha toro e tswalwa ke metouto, polelo tsa sethoto di tswalwa ke ho bua haholo.
Mohlang oo ya bohlale o tla ikgutsetsa, hobane mehla e tla ba e le e mahlonoko.
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,