5 Hoja la na la kgutsa, ho bo ho tla thwe: le bohlale.
5 Eka le ka kgutsa ho bua, la kgutsetsa ruri! Hoo e ne tla be e le bohlale, e le bohlale ho lona!
Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?
Kgutsang, le ntese ke bue; nke ke hlahelwe ke seo nka hlahelwang ke sona.
Mamelang hle phetolo ya ka, molomong wa ka le utlwe ditaba tseo ke ikemelang ka tsona.
Dipolelo tsa lefeela na di fedile na? Kapa se o arabisang hathata jwalo keng?
Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua.
Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae?
Tlisang mahlo ho nna, mme le tla makala, le bee letsoho molomong.
Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.
Ka lebella, mme ha ba ka ba bua; ba ema, ha ba sa fetola!
Esita le lehlanya ha le kgutsa, le ka bitswa ya bohlale; ya itomang melomo ke motho ya kelello.
hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe.
Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;