Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 13:4
23 Referencias Cruzadas  

Yaba ke romela ho yena, ka re: Ha ho taba e teng ya tseo o di bolelang; o di qapile pelong ya hao.


Ditaba tse jwaloka tseo ke se ke kgotshe tsona; kaofela ha lona le batshedisi ba kgathatsang.


Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?


Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;


Ba hlajwa ke dihlong tshepong ya bona; ha ba fihla teng, ba swaba.


Ho dutse jwalo le lona, ha le letho; le bona bomadimabe ba ka, mme le a tshoha.


Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.


O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


Ha ho ya o hlokomelang; ho thojwa, ho okwa, ho tlamellwa ho siyo ho wena.


O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?


Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.


ya neng a utlwile tse bohloko tse ngata ka dingaka tse ngata, a qetile ntho tsa hae kaofela, empa a sa ka a thuswa le hanyenyane, feela bohloko bo nnile ba befa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos